sesotho

Sept. 17, 2022

KA NKOATE THAMAE

3 min read

Ntsie o hlaha ka khotla, liakhente lia mo latola

Ntsie o hlaha ka khotla, liakhente lia mo latola

Lephuthela Ntsie (ka lekhotleng) o ile a t’soaroa palehong Afrika Boroa ‘me a tlisoa Lesotho a le mahlaahlela

Story highlights

    Lekhotla le hanela Ntsie ka beile, le mo hopotsa hore o se a ile hlanola tlhabela lilemong tse 10 tse fetileng.
    Ntsie o boetse a tletleba ka ts’oaro e seng ntle eo a e etsetsoang ke basebelletsi ba lichankana, leha e mong oa liofisiri tsa lichankana a latotse litaba tseo.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Habofanoe Lephuthela Ntsie o laetsoe ke lekhotla ho iphumanela ‘muelelli oa molao pele nyeoe ea hae e tsoelapele ka la Boraro la li 21 Loetse, kamor’a hore a hlahe khotla ha khuts’oanyane a hloka ‘muelli ka li 13 Loetse.

Ke nyeoeng ena e ka lekhotleng le phahameng la Lesotho moo Moahloli ‘Masefuro Mahase a ileng a laela Ntsie ho ipatlela ‘muelelli oa khetho ea hae ho ‘muelella kmor’a hore a tlalehe hore bao a neng a ba t’sepile ba bile le mabaka a ho se itlalehe ho ‘muelella.

Moahloli Mahase a re e bang moqosuoa a ka hloleha ho iphumanela ‘muelelli oa molao, lekhotla le tla batla motho ea tla mo emela nakong eo lekhotla le tsoelang pele ka nyeoe e mabapi le polao ea banna ba babeli, bao a qosoang kahore o ile a ba bolaea ka sehloho.

Sena se latela hore ebe ho ile hoa hlahella ha liakhente tse peli, e leng Mothena Rafoneke le Letuka Molati, li ile tsa lotola ho buelella Ntsie ka lereng ba phathahantsoe ke mosebetsi. Litlaleho tse sa netefatsoang li ne kuma ha Molati a bonts’itse hore a keke a buelella Ntsie tlasa khoeli le letsat’se, a nt’o phahella kahore leha ho ka thoe a ‘muelelle mahala, setsoeng keha Molapo.

Ha a fana ka lehlakore la hae, Ntsie o bonts’itse hore hase ‘nete hore liakhente tse boletsoeng li hanne ho ‘muelella, empa li ne li phathahantsoe ke mosebetsi.

A tsoelapele ho botsa hore na ke toka hore nyeoe ea hae e ka tsoelapele a sena ‘muelelli, a nt’o kopa ho ipuelella kapa lekhotla le chechise nyeoe molemong oa hore a fuoe monyetla oa ho iphumanela ‘muelelli e mong oa khetho ea hae.

Ke moo Moahloli Mahase a ileng a qobelleha ho nka qeto ea ho laela hore Ntsie a fumane ‘muelelli ea joalo, hoseng joalo, lekhotla le tla qobelleha ho mo fumanela ‘muelli oa molao oa ‘muso molemong oa ho potlakisa lebili la toka.

Ntsie o hlaha ka khotla, liakhente lia mo latola

Lephuthela Habofanoe Ntsie o ile a tsebahala e le ralifoto ea hloahloa oa Lesotho

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

Lekhotla le boetse la hanyetsa kopo ea Ntsie ea hore a fuoe beile ha ntsa emetse hore nyeoe e tsoelepele, la mo hopotsa hore o kile baleha lilemong tse 10 tse fetileng, kahona la laela hore a itlalehe khotla ka letsatsi le boletsoeng ntle le phoso a ntse a le litlamong.

Ntsie o boetse a tletleba ka ts’oaro e seng ntle eo a e etsetsoang ke basebelletsi ba lichankana, empa e mong oa liofisiri tsa lichankana a latola litaba tseo.

Ntsie o qosoa ka polao ea Habaka Mahao le Souru Masupha, e etsahetseng Lancer’s Gap, Sehlabeng sa Thuathe, Maseru ka selemo sa 2004.

Nakong eo lekhotla le phahameng le neng le le mothating oa ho bala kahlolo lilemong tse 10 tse fetileng (2013), molekane oa Ntsie o ile a hlahisa lengolo la ngaka le pakang hore Ntsie o ile a kula ka nako ea khefutso ea tinare, kahona o ile a hloleha ho iponahatsa ka khotla.

Hamorao ho ile hoa fumaneha hore Ntsie o ts’otse tlhako morong ho ea naheng ea Afrika Boroa (SA) moo a ileng a ina libono metsing ho fihlela ha ts’oaroa ke mapolesa a Afrika Boroa ho mo nehela ho a Lesotho ho tla tobana le qoso ea polao ea banna bao ba babeli.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12