sesotho

Feb. 10, 2020

KA NKOATE THAMAE

3 min read

Lekhotla la baoki le nyatsa baoki

Lekhotla la baoki le nyatsa baoki

Mofumahali Moetsana Poka, Mongolisi Oa Lekhotla La Baoki Lesotho

Story highlights

    Lekhotla la baoki Lesotho le thehiloe ho laola koetliso le bosebeletsi bo botle ba baoki.
    Baoki ba lebeletsoe ho fana ka tlhokomelo e feletseng, e bolokehileng le e nang le boikarabello ho bakuli.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Kamor’a hore baoki ba Lesotho ba lle seboko sa phohomela le ho ngala mosebetsi bekeng e fetileng, lekhotla le laolang koetliso, ngoliso le bosebeletsi bo botle ba baoki Lesotho, le tšoetse ka mathe ho ngala mosebetsi e le botšoaro bo hlephileng bo khahlanong le melaoana ea tsamaiso ea booki.

Mongolisi oa lekhotla la baoki Lesotho Mofumahali Moetsana Poka o hlokomelisitse baoki ho ikobela melao ea boitšoaro ea booki ’moho le melao ea machaba e laolang boitšoaro ba baoki (International Council of Nursing). O boletse tsena ’mokeng oa baphatlalatsi ba litaba o neng o tšoaretsoe moahong oa ntlo-kholo ea lekala la bophelo ka la 17 Hlakola monongoaha.

Lekhotla la baoki Lesotho le thehiloe ho laola koetliso le bosebeletsi bo botle ba baoki, bapepisi le bathusi ba baoki ka molaoana oa booki le bopepisi oa nomoro ea 49 o entsoeng ka la 17 Phupjane 1998.

Polelo ea lekhotla la booki e tla kamor’a hore baoki ba kene boipelaetsong moo Mofumahali Monica Mokhesi, e leng mongoli e moholo oa mokhatlo oa baoki Lesotho, a bontšitseng hore ke baoki ba 343 e leng karolo ea 96% lekholong ea baoki ba ileng ba lelekoa sepetleleng sa Tšepong moo ba neng ba tseka ho fuoa meputso e phelisang. Mofumahali Mokhesi o supile hore baoki ba ’muso le ba Christian Health Association of Lesotho (CHAL) ba lefshoa meputso e menahanyang ea bona habeli empa ba sena tsebo e batsi ea mosebetsi oa booki ’me ba bile ba rutoa mosebetsi ke bona. A totobatsa hore baoki ba Tšepong ba batla ho pataloa ka sekala seka holimo ho baoki ba ’muso ho latela boemo ba sepetlele seo ba sebetsang ho sona.

O bontšitse hore mathata a bona a qalile ka selemo sa 2012 moo Tšepong, e sebetsang tlas’a sekhele sa NETCARE eo a e hlalosang e le khamphane e nang le chelete e ngata, e ba patalang hanyane haholo ho feta basebetsi ba eona ba sebetsang linaheng tse ling.

Potsong ea hore na ho fihlela ha joale na ’muso o so behile letho tafoleng ho rarolla mathata a bona, Mofumahali Mokhesi o bontšitse hore ba bile le kopano le Tšepong le lekala la bophelo moo mahlakore a sa kang a lumellana kahore na baoki ba Tšepong ba lokeloa ho lefshoa ke mang.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

Mofumahali Mokhesi o itse ba se ba ile ba kopana le komiti ea paramente e sebetsang le litaba tsa bophelo ho ea kopa hore e kene lipakeng phareleng ea bona le Tšepong ’me e tšepisitse hore litaba tsa bona li tla sekeheloa tsebe leho sebetsoa. O itse teleko ea baoki ba Tšepong e amme litsi tsa kokelo tse fapakaneng tse sebetsang tlasa Tšepong, kahona a ipiletsa hore litaba tsa bona li sebetsoe kapele ho qoba tahlehelo ea maphelo.

Ha arabela litaba tsena tsa baoki ba keneng boipelaetsong, Mofumahali Poka, o hlalositse hore baoki ba lebeletsoe ho fana ka tlhokomelo e feletseng, e bolokehileng le e nang le boikarabello ho bakuli. O ekelitse ka hore baoki ba lebeletsoe ho hlompha litokelo, tumelo, mekhoa le meetlo ea motho ka mong ntle le khethollo. A re hona ho bontša hore baoki ba keke ba kena mehoantong ea boipelaetso e seng molaong, ho sebelisoa hampe, ho fuoa litaba tse sa nepahalang - empa ba lokela ho lula ba ikokotlela ka meetlo le melao ea booki.

Mofumahali Poka o re baoki ba lebeletsoe ho thusa sechaba nakong eo se hlokang tlhokomelo, empa ha baoki ba ikhethela ho nyahlatsa boikarabello ba bona, seo seka tlisa litholoana tse bohla maphelong a sechaba.

Mofumahali Poka o re ke phoso hore mooki a tlohelle ho thusa mokuli a sa morerisa kapa hona ho lokisa mokhoa o mong oa tšebetso ho thusa bakuli ba tlhokotsing. A re baoki ba keneng boipelaetsong eka khona ba hlokomele hore mooki ea tlolang meoloane e seng e hlalositsoe a ka nkeloa likhato tsa molao lekhotleng la baoki,  lengolo la hae la booki leka hlakoloa kapa a tebeloa tšebetsong ea booki.

Mofumahali Poka o re leha lekhotla la baoki le tsotella le ho ela hloko litokelo tsa baoki e le basebetsi moo ba sa khotsofalang tšebetsong ea bona, empa ho bohlokoa hore ba fumane tataiso leho ela hloko boikarabello ba bona mahlakoreng ohle a amehang ntse ba bolokile bophelo ba mokuli ho qoba tahlehelo ea maphelo hosa hlokahale.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12