sesotho

Oct. 23, 2022

KA NKOATE THAMAE

5 min read

IEC e tsekisa mekha litulo tsa khekhethane

IEC e tsekisa mekha litulo tsa khekhethane

Motsamaisi oa likhetho Lesotho, Monghali Mpaiphele Maqutu

Story highlights

    IEC e kopa lekhotla ho lumelloa ho etsa tlhatlhobo e ncha kabong ea litulo tsa khekhethane.
    Lingangisano tabeng ena ea kabo ea litulo bocha li tla tsoelapele ka li 28 Mphalane monongoaha.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Mokha o moholo oa bohanyetsi (Democratic Congress – DC) le mokha oa bobeli ka boholo selekaneng se secha sa puso (Alliance of Democrats – AD) e mesarelong ha mekha e meng ea metinyane eona hlathe e lelekisa tsebe kamor’a hore lekhotla le ikemetseng la likhetho (IEC) le bolele ha le entse kabo bocha ea litulo tsa khekhethane.

Sena se tla kamor’a hore IEC e bolele hore e ne e file DC litulo tse 11 tsa khekhethane ka phoso, ha ene lokela ho e abela feela tse robeli. IEC e boetse e re e file AD litulo tse tharo ha ene lokela ho e abela feela tse peli. IEC e re joale e batla ho lokisa phoso eo.

Ebang kabo bocha ena – eo IEC e reng e tlisoa ke tokiso ea phoso eo eona IEC e ileng ea e etsa lipalong ha e ntse e aba litulo – hona ho tla bolela hore DC, e neng e ena le kakaretso ea litulo tse 29 paramenteng, e se e tla sala ka tse 26; ha AD e neng e ena le tse hlano e se e tla sala ka tse ‘ne.

Leha holejoalo, taba ena e ile ea kena ka lekhotleng le phahameng moo IEC e kopang lekhotla ho e lumella ho hlahlela nyeoe ea hore e tle e lumelloe ho phethahatsa takatso ena ea eona ea ho aba litulo bocha lekhotleng la molao oa motheo.

Kamor’a hore nyeoe ena e kene ka khotla ka Moqebelo oa li 22 Mphalane, lekhotla le phahameng le ile la etsa qeto ea hore ke nyeoe e potlakileng, ‘me la e behela letsatsi leo ka lona ho tlang ho lahloa malepe ke babuelli ba balli, eleng IEC, le babuelli ba baikarabelli, eleng Motlotlehi le mekha e amehang ea lipolotiki, har’a ba bang.

Nyeoeng ena IEC e mothating oa ho iqosa lekhotleng la molao oa motheo kahore e lumelloe ho lokisa liphoso tseo e li entseng mabapi le lipalo tsa kabo ea litulo tsa khekhethane.

Sena se bolela hore ka la 25 Mphalane, phutheho e ikhethang ea paramente e ntse e tla tsoelapele ho hlapants’a maparamente ka boemo bo teng ha joale pele IEC e ka phethahatsa kabo bocha eo ea litulo, e leng moo DC e tla kena ka maparamente a 29, ha AD le eona e tla kena ka maparamente a mahlano.

Morero oa IEC ke hore ha eka atleha ho aba litulo tsena tse ‘ne tsa khekhethane bocha, e tle e li fetisetse - setulo ka ‘ngoe - ho mekha e latelang: Basotho National Party (BNP), United For Change (UFC), Lesotho Peoples’ Congress (LPC) le Basotho Patriotic Party (BPP).

BNP, e etelletsoeng pele ke monghali Machesetsa Mofomobe, e ne e tlilo kena paramenteng ka setulo se le seng, empa ha e ka tšoasa kabong bocha, e tla ba le litulo tse peli. Haele mekha ena e meng; UFC ea mofumahali ‘Malichaba Lekhoaba, LPC e kannang ea etelloa pele ke Moruti Paul Masiu ho latela setlamo sa boikopanyo sa pele ho likhetho, le BPP ea monghali Tefo Mapesela, eona ene e khutlile e theta lehe.

A bua ka pelo e bohloko, phala ea AD monghali Thuso Litjobo o hlalositse hore botsamaisi ba IEC bo sentse likhetho, a nt’o phahella ka hore leha holejoalo, liphoso tsa bona li lokela ho hlahlojoa bocha leho rarolloa hantle ka khotso.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

“Hase taba e nepahetseng hore batho ba fuoe mosebetsi moo ho nang le litebello, e be hamorao ba joetsoa ntho e fapaneng,” a rialo Litjobo a nt’o supa hore IEC e tla tlisetsa naha tsitsipano ka liphoso tseo a itseng ha li amohelehe.

Ha lahlela molangoana oa hae, mongoli kakaretso oa DC monghali Lits’itso Cheba o ile a bonts’a hore IEC e entse liphoso tse kannang tsa hlokisa naha botsitso leho halefisa sechaba. Cheba a re leha holejoalo ba tla emela kahlolo ea nyeoe ba nt’o sheba maoala a ho rarolla taba ena.

Haele moetapele oa DC mongali Mathibeli Mokhothu eena o supile hore likhetho tse akaretsang tsa monongoaha li bile le mamphemphe. Mokhothu a eketsa ka hore IEC e bile bohlasoa kaho hloleha ho sebetsa litaba tsa kabo ea litulo tsa khekhethane ka tsela e nang le ponaletso. A boela a supa, ele mohlala oa bohlasoa, hore mokha oa habo o ile oa tingoa monyetla oa ho emisa bakhothaletsuoa mabatooeng a mabeli moo ho neng ho thoe ba behiloe ntle leho se fihlele lipehelo tsa molao.

Mokhothu o buile joaloka motho ea bileng a makalletseng taba ea hore hose ho ena le phatlalatso ea hore na tona-kholo ke mang, empa ‘muso o thehoa ke maparamente kapa mekha ea lipolotiki e ikopantseng ka paramenteng kamor’a hore litho tsa ntlo ea sechaba li hlapantšoe, e leng seo a itseng hase eso etsahale paleng ea paramente.

Sena ke ka mor’a hore ‘muso o ntše phatlalatso e bolelang ha tona-kholo e ncha ea ‘muso oa Lesotho, e leng moetapele oa Revolution for Prosperity (RFP), monghali Samuel Ntsokoane Matekane, a tla hlomamisoa se ‘muso ka li 28 Mphalane lebaleng le leholo la lipapali la Setsoto Maseru. Phatlalatso e bile e mema sechaba leho se kopa hore se setle moketeng ona se apere laiaparo tsa mekha ea lipolotiki, empa se khabe ka ‘mala ea naha.

Mokha oa RFP ke oona o nang le lipalo tse ngata tsa mabatooa kaha o fumane litulo tse 56 ho tse 80. Ha oa abeloa litulo ho tse 20 tsa khekhethane hohang. Hona ho bolela hore RFP ha ea fihlela litulo tse 61 ho ka tseba ho theha ‘muso e le ‘ngoe. RFP e kene selekaneng le AD ea monghali Monyane Moleleki ka litulo tse hlano, le Movememt for Economic Change (MEC) ea monghali Selibe Mochoboroane ka litulo tse ‘ne, ‘me sena se bolela hore ha li kopana li etsa litulo tse 65, ‘me ka hona li ka theha ‘muso.

Hosa lejoalo, IEC e ntšitse polelo eo ho eona e ipilelitseng ho sechaba hoba le mamello leho se mamele melaetsa e reretsoeng ho jala pherekano ho fihlela makhotla a molao a entse qeto holim’a qaka ea kabo bocha ea litulo tsa khekhethane.

Puisanong e ikhethang le koranta ea motse-moholo Maseru (Metro), moetapele oa UFC mohlomphehi Lekhoaba o hlalositse hore o motlotlo hoba karolo ea paramente ea bo 11 leho ea sebeletsa sechaba ka boitelo.

Lekhoaba o ile a tsoelapele hore o ile a hlokomela phoso ea IEC ea kabo ea litulo tsa khekhethane a nt’o e atamela, empa e ile ea mo joetsa hore lipalo li sebelitsoe hantle. O elelitse IEC ho sebeletsa ho nepa kabo ea litulo tsa khekhethane e le boitukisetso ba likhetho tse tlang tsa puso ea libaka.

Lekhoaba a fera litaba tsa hae kahore o tla ba le tšusumetso e kholo molemong oa liphetoho tse reretsoeng ho etsa lintlafatso molemong oa sechaba sa Basotho, ho fapana le maparamente a etsang lintho molemong oa ‘ona.

Phala ea BNP mofumahali ‘Maseshophe Leshota, ea hlalositseng hore mokha oa habo o ile oa eba le khoao mabapi le tsela eo IEC e abileng litulo tsa khekhethane ka eona, o boletse hore o ananela qeto ea IEC ea ho lokisa liphoso tsa kabo ea litulo tsa khekhethane bocha, a nt’o eketsa kahore IEC e lokela hoba seli ha e etsa mosebetsi o hlokolosi oa kabo ea litulo tsa khekhethane ho qoba meruso ea lipolotiki.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12