sesotho

Sept. 16, 2022

KA BAQOLOTSI BA RONA

2 min read

Litlaleho tsa sepolesa

Litlaleho tsa sepolesa

LABHLANO LA LI 16 LOETSE 2022

Story highlights

    Banna ba babeli ba Ma-Pakistan ba lilemo li li pakeng tsa 23 le 31, ba ile ba lleloa ke litšepe nakong eo sepolesa se tsoileng letšolo.
    Banna bana ba ile ba fumanoa ba ruile lithunya le mahlahlela a tsona ka thoko ho molao.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Sepolesa se t'soara banna ba babeli ba Ma-Pakistan ba lilemo li li pakeng tsa 23 le 31, nakong eo sepolesa se tsoileng letšolo ho kena likhoebong e le ho loantša tlolo ea molao e jeleng setsi ea khoebisano ka batho le melata e seng molaong kahara naha (Human Trafficking).

THABA-TSEKA: Lefu Monaheng (19) oa Ha Maphike o hlahile ha khutšoanyane kapela Lekhotla la ‘Maseterata Thaba-Tseka a qosoa ka ho chesa ntlo le tšenyo ea thepa. O ile a fuoa beili ea M500.00, ‘me o tla hlaha hape khotla ka La 20 Loetse 2022.

‘MANTŠONYANE: Tau Mokhanya (28) oa morena Khotso Toanyane Ha Khopiso, Lesobeng o hlahile kapela Lekhotla la ‘Maseterata Thaba-Tseka a qosoa ka polao ea monna (52) oa motse o tšoanang; a belaela hore mofu o chaufa le ‘mae (48). O tla hlaha hape kapela lekhotla ka La 20 Loetse 2022.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

BOTHA-BOTHE: Kelane Moemane(46) oa morena Setsumi Setsumi oa Qoqolosing, Papalala Botha-Bothe ebile e le setho sa sepolesa, o hlahile kapela lekhotla la ‘maseterata Botha-Bothe a qosoa ka polao. O tla hlaha hape Ka La 28 Loetse, Monongoaha.

BOTHA-BOTHE: Banna ba babeli ba Ma-Pakistan ba lilemo li li pakeng tsa 23 le 31, ba ile ba lleloa ke litšepe nakong eo sepolesa se tsoileng letšolo; ho kena likhoebong e le ho loantša tlolo ea molao e jeleng setsi ea Thibelo ea Khoebisano ka Batho le Taolo ea Melata kahara Naha (Human Trafficking). Banna bana ba ile ba fumanoa ba ruile lithunya le mahlahlela a tsona ka thoko ho molao; 9mm Norinco S/No. 47080383 le mahlahlela a mahlano, CA1K77 cal (4.5mm) Rifle le mahlahlela a mashome a mane le metso e mehlano a 9mm. Lipatlisiso li tsoelapele.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12