sesotho

Dec. 10, 2019

KA BAQOLOTSI BA RONA

2 min read

Mapolesa a molato oa ho bolaea Nteso

Mapolesa a molato oa ho bolaea Nteso

Mofu Ignatius Thibello Nteso ea bolailoeng ke mapolesa

Story highlights

    Qalong ea nyeoe ho ne ho qosoa mapolesa a mane, empa a mabeli a akhang ofisiri Tlala Phatela le lepolesa Thaele Ramajoe ba ile ba lokolloa.
    Nakong ea bopaki ba bona ba ho itšireletsa, babolai bana ba ne ba ile ba bolela ha ba ile ba thunya mofu ba itamolela.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Lekhotla le phahameng la Lesotho le fumane mapolesa a boemo bo tlase e leng Dlamini Moeketsi le Monaheng ‘Musi ba le molato oa polao ka maikemisetso le tšenyo ea thepa ka ho senya koloi ea phofu ka ho e thunya.

Nyeoeng ena e neng e lutse ka la 10 Tšitoe lekhotleng le phahameng Maseru, bobeli bona bo fumanoe bo ile ba bolaea eo eneng e le hlooho ea tlhatlhobo ea libuka tsa lekhotla la tsamaiso ea motlakase (LEC) mofu monghali Thibello Nteso ketsahalong e etsahetsenbg motseng oa Maseru West haufinayne le feme ea LEC ka la 6 Tlhakola 2017.

Nyeoe ena e fihla pheletsong tjena kamor’a hore bochochisi bo bolelle Moahloli Moroke Mokhesi hore bo koetse bopaki ba bona, ‘me ha bo satla ba le lipaki tse ling hape.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

Babelaelloa bana ba ne ba ile ba fuoa ho emela nyeoe kantle ho chankane ka ho fuoa baile, ‘me baile e ile ea hlakoloa hang hoba ba fumanoe ba le molato.

Nakong ea bopaki ba bona ba ho itšireletsa, babolai bana ba ne ba ile ba bontša ha ba ile ba thunya mofu ba itamolela ho tlhaselo eo a ileng a ba etsetsa eona pele. Leha holejoalo bochochisi bo ile ba raela bopaki bona matjoing e le ba leshano, ka hore baqosuoa ba mpa ba tšireletsa taba ea hore kebona ba bileng morerong oa ho bolaea mofu.

Qalong ea nyeoe ho ne ho qosoa mapolesa a mane, empa a mabeli a akhang ofisiri Tlala Phatela le lepolesa Thaele Ramajoe ba ile ba lokolloa kahore ha ho bopaki bo lekaneng bo ba amahanyang le polao ea Nteso.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12