sesotho

Sept. 15, 2022

T’SEPO NKEBENYANE

2 min read

T’sitso o qosetsoa bosholu ba marang-rang

T’sitso o qosetsoa bosholu ba marang-rang

Tšitso Makhakhe (26) oa Ha Matala Maseru.

Story highlights

    Sepolesa se ile sa fumana monyenyetsi oa hore ho na le motho ea ntseng a kena-kenana le litšebeletso tsa marang-rang ka lichelete likhoebong tsa bona.
    Lik’hamphani tse sebetsang ka marang-rang ho fetisa lichelete, li eletsoa ho ela hloko likhokahanyo tsa bona ka nako tsohle.

Metro Audio Articles

Catch our weekly audio news daily only on Metro Radio Podcast News.

listen now

Tšitso Makhakhe (26) oa Ha Matala Maseru, o hlahile kapela lekhotla la ‘maseterata Maseru ka La Leshome le Metso e ‘Meli Loetse, Monongoaha ka qoso ea boshulo ba marang-rang ka ho ikhapela matsebe-tsebe a chelete e hakanyetsoang ho M9,600.00 le M84,100.00 ho tsoa ho tse ling tsa likhoebo tse romellang lichelete ka marang-rang.

Lance Sergeant (L/Sgt) ‘Mapholo Sakoane ea tšoereng molepo e le mookameli ofising ea Boqhekanyetsi ka Marang-rang le ho Hlatsoa Chelete, Ntlo-kholo ea Sepolesa o re ba ile ba fumana monyenyetsi oa hore ho na le motho ea ntseng a kena-kenana le litšebeletso tsa marang-rang ka lichelete likhoebong tsa bona. A re lipatlisiso li ile tsa ba lebisa ho Tšitso eo e leng eena mothehi oa sehlaisoa seo le ho sebetsa khoebong eo nakong e fetileng.

O itse ‘melaelloa ho bonahala a ile a kena-kenana le sona kantle ho tumello ea khoebo ka ho ikhapela lichelete ho tsoa lipolokelong tse fapaneng; kaha o ne a tseba haholo ka sehlaisoa seo sa hae. A re ho bonahala ‘melaelloa a ne a itšella lichelete mohaleng oa hae oa letsoho ebe hamorao o ilo e ntša.

Enjoy our daily newsletter from today

Access exclusive newsletters, along with previews of new media releases.

L/Sgt Sakoane a phethela ka ho ipiletsa ho lik’hamphani tse sebetsang ka marang-rang ho fetisa lichelete, ho ela hloko likhokahanyo tsa bona ka nako tsohle le ho ba seli haholo ka mantsoe kapa nomoro tsa lekunutu. A eketsa ka hore le likonteraka tsa batho ba basebeletsang likhoebo tse joalo, li lokela ho ba le lipehelo tse boima tse tla sitisa motho ho etsa tlolo ea molao ka bolokolohi.

Tšitso o ile a hlaha kapela ‘Maseterata Thamae le Mochochisi Rabale. Lekhotla le ile la mo fa monyetla oa ho lefa beili ea sekete sa Maloti le ho beha paneng likete tse leshome tsa Maloti; o ile a hloloa ho lefa ‘me a lokela ho theohela ka chankaneng. Tšitso o tla hlaha hape kapela lekhotla ka La 20 Loetse, Selemong se holimo.

Share the story

METRO WEATHER FORECAST

Tailored for you

NEW COALITION GOVT  PROMISES ECONOMIC FREEDOM

ISSUE: 2222

NEW COALITION GOVT PROMISES ECONOMIC FREEDOM

Published: Oct,12